9. “ <Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa.
10. Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.
11. Moprista o tla nyehela ka le leng e le nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso. O tla mo etsetsa tefelo ya sebe, hobane a entse sebe ka baka la motho eo ya shweleng, mme ka lona letsatsi leo a be a halaletse hlooho ya hae.
12. O tla ikabela Morena botjha, matsatsing ao a bokgethwa ba hae, a be a tlise nku e tona e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang molato. Empa matsatsi a pele ha a na ho ba le thuso, hobane bokgethwa ba hae bo ile ba silafatswa.
13. “ <Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo. Ha matsatsi a kgalaletso ya hae a fetile, o tla tliswa monyakong wa Tente ya Morena.
14. O tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae, e leng nku e tona e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya setjheso; le nku e tshehadi e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo e tlosang sebe; le pheleu e le nngwe, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya teboho.
15. A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino.
16. “ <Moprista o tla di tlisa kapele ho Morena, a be a mo etsetse nyehelo e tlosang sebe, a mo etsetse le nyehelo ya setjheso.
17. Ka pheleu le ka seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, moprista o tla etsetsa Morena sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme moprista a be a mo etsetse le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino.