Dipalo 6:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena,

3. o tla ila veine le jwala. A se ke a nwa asene e entsweng ka veine, kapa a nwa asene e tahang. A se ke a nwa lero la morara. A se ke a ja morara o motjha kapa wa mangangajane.

4. Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, a se ke a ja letho le entsweng ka morara, e ka ba ditholwana tsa wona kapa makgapetla a wona.

5. “ <Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho.

6. Ka matsatsi wohle a hae a ho ikabela Morena, a se ke a atamela pela setopo.

7. E ka ba sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedi ya hae, a se ke a itshilafatsa ka tsona, hobane kgalaletso ya Modimo wa hae e hodima hlooho ya hae.

8. Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, o a halalela ho Morena.

9. “ <Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa.

10. Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.

11. Moprista o tla nyehela ka le leng e le nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso. O tla mo etsetsa tefelo ya sebe, hobane a entse sebe ka baka la motho eo ya shweleng, mme ka lona letsatsi leo a be a halaletse hlooho ya hae.

12. O tla ikabela Morena botjha, matsatsing ao a bokgethwa ba hae, a be a tlise nku e tona e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang molato. Empa matsatsi a pele ha a na ho ba le thuso, hobane bokgethwa ba hae bo ile ba silafatswa.

Dipalo 6