7. O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.
8. Empa haeba motho ya sitetsweng a se na moneketsela oo tefo ya molato e ka iswang ho wona, tefo eo ya molato e tla lefelwa Morena, mme e tla ba ya moprista. Tefo ena ke e kathoko ho pheleu ya tefelo ya sebe, eo moprista a tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka yona.
9. Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista.
10. Dintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e tla ba tsa moprista; seo motho ofe kapa ofe a se neang moprista, e tla ba sa moprista.> ”
11. Morena a bua ho Moshe, a re:
12. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha mosadi wa monna e mong a etsa phoso, mme a sa tshepahale ho monna wa hae,
13. ka ho feba le monna e mong; leha eba monna eo wa hae a se na bopaki bo lekaneng ba taba eo, hoo ho silafala ha mosadi ho salang ho sa pakahala ka baka la ho hloka paki e mo tshwereng a ntse a feba;
14. kapa haeba motho a hlolwa ke lefufa le etsang hore a belaelle mosadi wa hae, ebang o itshilafaditse kapa tjhe;