1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: <Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona.
3. “ <Ka borwa moedi wa lona o tla tloha lehwatateng la Sine, o ikgohle ka moedi wa Edomo. O tla tloha ka botjhabela moo Lewatle la Letswai le fellang teng.
4. Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone.
5. Ho tloha Asamone moedi o tla thinyetsa molatswaneng wa Egepeta, o yo kgaotsa ka Lewatle.
6. “ <Ka bophirimela moedi wa lona e tla ba Lewatle le Leholo, le lebopo la lona. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka bophirimela.
7. “ <Ka leboya moedi wa lona e tla ba ona: le tla o seha ho tloha Lewatleng le Leholo, ho ya fihla Thabeng ya Hore;
8. ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade.
9. Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya.
10. “ <Ka botjhabela le tla seha moedi wa lona ho tloha Hasere-Enane ho ya fihla Shefame.