Dipalo 21:21-32 BIBELE (SSO89SO)

21. Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, hore a re:

22. “Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra kgelohela masimong, kapa dirapeng tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba; re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi, ho fihlela re ba re tlola moedi wa hao.”

23. Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng.

24. Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.

25. Baiseraele ba hapa metse ena yohle, mme ba aha metseng yohle ya Baamone, e leng Heshebone le metsana e mathokong a yona.

26. Heshebone e ne e le motsemoholo wa Sihone, kgosi ya Baamore. Ke yena Sihone ya neng a lwantshe kgosi ya pele ya Moabe, a hapa naha yohle ya kgosi eo ho ya fihla Arenone.

27. Ke ka hona baroki ba reng:“Lona, tloong Heshebone!Ho hahwe motse wa Sihone, o tiye.

28. “Mollo o qhomme Heshebone,kgabo ya tlola motseng wa Sihone,ya metsa Are-Moabe,le marena a dihlaba tsa Arenone.

29. O madimabe hakaakang,wena Moabe!Le timetse lona, tjhaba sa Kemoshe!O tlohetse bara ba haeho ba baphaphathehi,baradi ba hae ho ba batshwaruwa,batshwaruwa ba Sihone,kgosi ya Baamore.

30. “Re ba timeditse ho hang,ho tloha Hesheboneho ya fihla Dibone,ra ba nanaola ho ya fihla Nofa,Kgabo ya laimaho ya fihla Medeba.”

31. Ka mokgwa ona Baiseraele ba aha naheng ya Baamore.

32. Moshe a romela dihlwela Jasere. Baiseraele ba hapa Jasere le metse e mathokong a yona, ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo.

Dipalo 21