Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng.