13. Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma ka nqane ho Arenone e lehwatateng le nametseng ho ya fihla moeding wa Baamore, hobane Arenone ke wona moedi wa Bamoabe le Baamore.
14. Ke ka hona, Bukeng ya dintwa tsa Marena, ho thweng:“Wahebe e Sufa,le dikgohlwana tsa Arenone;
15. le methipoloha ya dikgohlwanatse lelemellang diahelong tsa Are,tse sikang le moedi wa Moabe.”
16. Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya Sedibeng. Ke sona sediba seo Morena a ileng a bua ho Moshe ka sona, a re: “Bokanya setjhaba kaofela, mme ke tla se fa metsi.”
17. Ke ha Baiseraele ba bina pina, ba re:“Runyarunya, wena sediba;lona se bineleng!
18. Sediba se tjhekilweng ke mahosana,sa habollwa ke marena a setjhaba,ka lere la kgosile ka mare a marena.”Ho tloha Sedibeng ba ya Matana;
19. ho tloha Matana ba ya Nahaleele, mme ho tloha Nahaleele ba ya Bamote;
20. ho tloha Bamote ba ya kgohlong e naheng ya Moabe, kahodimo ho Pisega, e okametseng lehwatata.
21. Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, hore a re:
22. “Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra kgelohela masimong, kapa dirapeng tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba; re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi, ho fihlela re ba re tlola moedi wa hao.”
23. Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng.