Diketso 7:8-19 BIBELE (SSO89SO)

8. Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.

9. “Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena,

10. a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.

11. “Jwale tlala ya wela Egepeta yohle le Kanana, matshwenyeho a eba maholo, mme bo-ntata rona ba hloka dijo.

12. Eitse ha Jakobo a utlwa hore dijo di teng Egepeta, a roma bo-ntata rona kgetlo la pele.

13. Ka kgetlo la bobedi Josefa a itsebisa bana babo, mme Faro a tseba leloko la Josefa.

14. Yaba Josefa o romela ho bitsa ntatae Jakobo le bang ka yena bohle, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.

15. Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng.

16. Ditopo tsa bona tsa tliswa Shekeme, mme tsa epelwa lebitleng leo Aborahama a neng a le reke Shekeme ka silefera, ho bara ba Hemore.

17. “Yare ha nako ya tshepiso eo Modimo a e etseditseng Aborahama e atamela, setjhaba sa ata, sa ngatafala Egepeta,

18. ho fihlela ha ho busa kgosi e nngwe e neng e sa ka ya tseba Josefa.

19. Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.

Diketso 7