Diketso 7 BIBELE (SSO89SO)

Puo ya Setefane

1. Yaba Moprista e Moholo o re: “Na ke tsona?”

2. Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;

3. a re ho yena: <Tloha naheng ya heno le ho bang ka wena, o ye naheng eo ke tla o supisa eona.>

4. “Jwale a tloha naheng ya Bakalatiya a tla aha Kgarane. Hoba ntatae a shwe, Modimo a mo fallisetsa naheng ena eo le ahileng ho yona kajeno.

5. Teng ha a a ka a mo fa sebaka seo e leng sa hae, leha e le ho lekanang bohato ba leoto, empa a mo tshepisa hore o tla mo nea yona, e be leruo la hae le la ditloholo tsa hae kamora lefu la hae, le hoja a na se na ngwana.

6. Modimo a bua tjena, a re: <Ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba, mme di tla etswa makgoba, di sotlwe ka dilemo tse makgolo a mane.

7. Empa setjhaba se tla di etsa makgoba ke tla se ahlola,> ha rialo Modimo, <mme kamorao ho tsena di tla tloha, di tlo ntshebeletsa sebakeng sena.>

8. Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.

9. “Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena,

10. a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.

11. “Jwale tlala ya wela Egepeta yohle le Kanana, matshwenyeho a eba maholo, mme bo-ntata rona ba hloka dijo.

12. Eitse ha Jakobo a utlwa hore dijo di teng Egepeta, a roma bo-ntata rona kgetlo la pele.

13. Ka kgetlo la bobedi Josefa a itsebisa bana babo, mme Faro a tseba leloko la Josefa.

14. Yaba Josefa o romela ho bitsa ntatae Jakobo le bang ka yena bohle, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.

15. Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng.

16. Ditopo tsa bona tsa tliswa Shekeme, mme tsa epelwa lebitleng leo Aborahama a neng a le reke Shekeme ka silefera, ho bara ba Hemore.

17. “Yare ha nako ya tshepiso eo Modimo a e etseditseng Aborahama e atamela, setjhaba sa ata, sa ngatafala Egepeta,

18. ho fihlela ha ho busa kgosi e nngwe e neng e sa ka ya tseba Josefa.

19. Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.

20. “Ke ka nako ena Moshe a ileng a tswalwa, mme a kgahleha ho Modimo. A hodisetswa habo ka kgwedi tse tharo.

21. Ha a se a lahlilwe, moradi wa Faro a mo thola, a ikgodisetsa yena jwaloka hoja e le mora wa hae.

22. Moshe a rutwa bohlale bohle ba Baegepeta, mme a ba matla dipolelong le mesebetsing ya hae.

23. “Ha a ena le dilemo tse mashome a mane, pelong ya hae ha eba le takatso ya ho tjhakela bana babo, bana ba Iseraele.

24. Yare ha a bona e mong a etswa hampe, a mo thusetsa; a pheteletsa ya tlatlapuwang ka ho bolaya Moegepeta.

25. Jwale a hopola hore bana babo ba tla utlwisisa hore Modimo o tla ba pholosa ka letsoho la hae, empa ha ba a ka ba utlwisisa.

26. Ka letsatsi le hlahlamang, a fumana ba bang ba lwana, a leka ho ba boelanya hore ba etse kgotso, a re: <Banna, le bana ba motho; le etsetsanang hampe?>

27. “Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: <Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona?

28. O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane?>

29. Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.

30. “Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.

31. Moshe ha a bona pono eo a e makalla. Ha a atamela ho shebisisa, lentswe la Morena la utlwahala, la re:

32. <Ke nna Modimo wa bo-ntatao, Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo.> Yaba Moshe o a thothomela, o hloka le sebete sa ho shebisisa.

33. “Morena a re ho yena: <Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.

34. Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.>

35. “Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: <Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?> ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.

36. Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.

37. Ke yena Moshe enwa ya itseng ho bana ba Iseraele: <Hara bana babo lona, Modimo o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna.>

38. Ke yena ya ileng a ba teng phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena Thabeng ya Sinai, a ntse a ena le bo-ntata rona; ke yena ya amohetseng dipolelo tse phedisang ho le nea tsona.

39. “Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta,

40. ba re ho Arone: <Re etsetse medimo e tla re etella pele, hobane Moshe enwa, ya re ntshitseng naheng ya Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.>

41. Matsatsing ao ba bopa namane, ba tlisetsa setshwantsho seo sehlabelo, ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona.

42. Yaba Modimo o a ba furalla, o neelana ka bona ho sebeletsa lebotho la lehodimo, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya baporofeta, ho thwe:“ <Na lona ba ntlo ya Iseraele,le nnyeheletse ka tse hlabilwengle ka dinyeheloka dilemo tse mashome a manelehwatateng?

43. Le ile la jara tente ya Moloke,le naledi ya modimoo bitswang Refane,e leng ditshwantshotseo le di etseditsengho di kgumamela.Kahoo ke tla le fallisetsaka nqane ho Babilona.>

44. “Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona.

45. Bo-ntata rona ba e amohela. Tlasa tsamaiso ya Joshua, ba tla le yona naheng ya baditjhaba, bao Modimo a ileng a ba leleka pela bo-ntata rona, ho fihlela mehleng ya Davida.

46. Davida a ratwa ke Modimo, mme a kopa ho fumanela Modimo wa Jakobo ntlo.

47. Empa ke Solomone ya ileng a mo hahela ntlo eo.

48. “Feela Ya Hodimodimo ha a dule matlung a hahilweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a re:

49. “ <Lehodimo ke terone ya ka,lefatshe ke bonameloba maoto a ka;lona le tla nkgahela ntlo e jwang,ho rialo Morena,kapa sebaka ke sefeseo nka phomolang ho sona?

50. Na tsee tsohle ha di a etswake letsoho la ka na?>

51. “Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!

52. Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;

53. lona ba amohetseng Molao oo le o neeleditsweng ke mangeloi, empa la se ke la o boloka.”

Setefane o tlepetswa ka majwe

54. Yare ha ba utlwa tsena, dipelo tsa bona tsa hlabeha, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.

55. Empa kaha a ne a tletse Moya o Halalelang, a tadima lehodimong, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo,

56. mme a re: “Bonang! Ke bona mahodimo a butswe, le Mora Motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.”

57. Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong.

58. Ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe. Dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.

59. Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!”

60. Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.