Diketso 2 BIBELE (SSO89SO)

Ho tla ha Moya o Halalelang

1. Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng.

2. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.

3. Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona.

4. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.

5. Moo Jerusalema, ho ne ho ahile Bajuda, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse teng tlasa letsatsi.

6. Ha modumo ona o utlwahala, batho ba bangata ba phutheha, mme ba ferekana, hobane e mong le e mong o ne a utlwa ba bua ka puo ya habo.

7. Ba hlollwa, mme ba tsota, ba re: “Helang! Na baa bohle ba buang hase Bagalelea?

8. Ho tla jwang hore re ba utlwe ba bua puo eo e mong le e mong wa rona a tswaletsweng ho yona?

9. Re le Baparathia, le Bamedia, le Baelame, le baahi ba Mesopotamia, le ba Judea, le ba Kapadokia, le ba Pontose, le ba Asia;

10. re le le ba Firigia, le ba Pamfilea, le ba Egepeta, le dibaka tsa Lebia tse haufi le Sirene, le baeti ba tswang Roma;

11. re le Bajuda le basokolohi, Bakerete le Maarabia, re ba utlwa ba bolela mesebetsi e meholo ya Modimo ka dipuo tsa habo rona!”

12. Bohle ba hlollwa, ba tsieleha, mme ba botsana, ba re: “Hoo ho bolelang?”

13. Empa ba bang ba ba soma, ba re: “Ba tahilwe ke veine.”

Puo ya Petrose mohla letsatsi la Pentekonta

14. Yaba Petrose, a ena le ba leshome le motso o mong, o a ema, o phahamisa lentswe, o re ho bona: “Banna ba Judea, le lona baahi bohle ba Jerusalema, tsebang sena, mme le mamele mantswe a ka ka tsebe e lethwethwe.

15. Banna bana ha ba a tahwa jwalokaha le hopola, hobane e sa le hora ya borobong, hoseng.

16. Empa sena ke se boletsweng ke moporofeta Joele, ha a re:

17. “ <Ha matsatsi a bofelo a fihla,ho rialo Modimo,ke tla theolela Moya wa kahodima batho bohle;bara le baradi ba lonaba tla porofeta,bahlankana ba lonaba tla bona dipono,le bannabaholo ba lonaba tla lora ditoro.

18. Le hodima bahlanka ba kale makgabunyane a kake tla theolela Moya wa kamatsatsing ao,mme ba tla porofeta.

19. Ke tla etsa dimakatsohodimo, lehodimong,le mehlolo tlase, lefatsheng:madi, le mollo,le mouwane wa mosi.

20. Letsatsi le tla fifala,le kgwedi e tla ba kgubedujwaloka madi,pele letsatsi le leholo la Morena,le kgethehileng, le fihla;

21. mme mang le mangya tla rapela Morenao tla pholoswa!>

22. “Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona.

23. Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.

24. Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.

25. Davida o ne a bue ka yena, a re:“ <Kamehlake ntse ke hopotse Morena,kahobaneo ka tsohong la ka le letona,nke ke ka sisinyeha.

26. Kahoo pelo ya ka e nyakaletse,leleme la ka le bina dithoko,le mmele wa kao tla phomola ka tshepo;

27. o ke ke wa ntlohelaNqalong ya Bafu,o ke ke wa lesellaMotshepuwa wa hao,wa mo lesella ho bolla lebitleng.

28. O mpontshitse ditsela tsa bophelo.Ha o ena le nna ke tla nyakalla.>

29. “Banna ba heso, ho a lokela hore ke bue le lona phatlalatsa ka moholoholo wa rona Davida: O ile a shwa, a epelwa, mme lebitla la hae le sa le teng hara rona le kajeno-ya-bokajeno.

30. Empa kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o mo hlapanyeditse, hore ka peo ya letheka la hae, o tla hlahisa ya tla dula setulo sa hae sa borena,

31. o ile a bona hona e sa le pele, mme a bua ka tsoho ya Kreste, a re:“ <Ha a a ka a tlohelwaNqalong ya Bafu,le mmele wa haeha o a ka wa bola.>

32. “Jesu eo, Modimo o mo tsositse, mme bohle re dipaki.

33. O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.

34. Davida ka boyena ha a a ka a nyolohela lehodimong, empa o re:“ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,

35. ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao.>

36. “Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.”

37. Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”

38. Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.

39. Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.”

40. A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”

41. Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.

42. Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.

Bophelo hara badumedi

43. Bohle ba tshoha, hobane baapostola ba ne ba etsa dimakatso le mehlolo e mengata.

44. Bohle ba dumetseng ba ba mmoho, mme ba kopanela maruo a bona.

45. Ba rekisa maruo a bona le dintho tseo ba neng ba ena le tsona, ba arolelana bohle kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.

46. Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.

47. Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.