Diketso 7:24-36 BIBELE (SSO89SO)

24. Yare ha a bona e mong a etswa hampe, a mo thusetsa; a pheteletsa ya tlatlapuwang ka ho bolaya Moegepeta.

25. Jwale a hopola hore bana babo ba tla utlwisisa hore Modimo o tla ba pholosa ka letsoho la hae, empa ha ba a ka ba utlwisisa.

26. Ka letsatsi le hlahlamang, a fumana ba bang ba lwana, a leka ho ba boelanya hore ba etse kgotso, a re: <Banna, le bana ba motho; le etsetsanang hampe?>

27. “Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: <Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona?

28. O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane?>

29. Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.

30. “Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.

31. Moshe ha a bona pono eo a e makalla. Ha a atamela ho shebisisa, lentswe la Morena la utlwahala, la re:

32. <Ke nna Modimo wa bo-ntatao, Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo.> Yaba Moshe o a thothomela, o hloka le sebete sa ho shebisisa.

33. “Morena a re ho yena: <Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.

34. Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.>

35. “Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: <Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?> ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.

36. Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.

Diketso 7