23. “Ha a ena le dilemo tse mashome a mane, pelong ya hae ha eba le takatso ya ho tjhakela bana babo, bana ba Iseraele.
24. Yare ha a bona e mong a etswa hampe, a mo thusetsa; a pheteletsa ya tlatlapuwang ka ho bolaya Moegepeta.
25. Jwale a hopola hore bana babo ba tla utlwisisa hore Modimo o tla ba pholosa ka letsoho la hae, empa ha ba a ka ba utlwisisa.
26. Ka letsatsi le hlahlamang, a fumana ba bang ba lwana, a leka ho ba boelanya hore ba etse kgotso, a re: <Banna, le bana ba motho; le etsetsanang hampe?>
27. “Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: <Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona?
28. O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane?>
29. Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.
30. “Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.
31. Moshe ha a bona pono eo a e makalla. Ha a atamela ho shebisisa, lentswe la Morena la utlwahala, la re:
32. <Ke nna Modimo wa bo-ntatao, Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo.> Yaba Moshe o a thothomela, o hloka le sebete sa ho shebisisa.
33. “Morena a re ho yena: <Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.