1. Yaba Moprista e Moholo o re: “Na ke tsona?”
2. Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;
3. a re ho yena: <Tloha naheng ya heno le ho bang ka wena, o ye naheng eo ke tla o supisa eona.>
4. “Jwale a tloha naheng ya Bakalatiya a tla aha Kgarane. Hoba ntatae a shwe, Modimo a mo fallisetsa naheng ena eo le ahileng ho yona kajeno.
5. Teng ha a a ka a mo fa sebaka seo e leng sa hae, leha e le ho lekanang bohato ba leoto, empa a mo tshepisa hore o tla mo nea yona, e be leruo la hae le la ditloholo tsa hae kamora lefu la hae, le hoja a na se na ngwana.
6. Modimo a bua tjena, a re: <Ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba, mme di tla etswa makgoba, di sotlwe ka dilemo tse makgolo a mane.
7. Empa setjhaba se tla di etsa makgoba ke tla se ahlola,> ha rialo Modimo, <mme kamorao ho tsena di tla tloha, di tlo ntshebeletsa sebakeng sena.>
8. Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.
9. “Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena,
10. a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.
11. “Jwale tlala ya wela Egepeta yohle le Kanana, matshwenyeho a eba maholo, mme bo-ntata rona ba hloka dijo.