31. o ile a bona hona e sa le pele, mme a bua ka tsoho ya Kreste, a re:“ <Ha a a ka a tlohelwaNqalong ya Bafu,le mmele wa haeha o a ka wa bola.>
32. “Jesu eo, Modimo o mo tsositse, mme bohle re dipaki.
33. O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.
34. Davida ka boyena ha a a ka a nyolohela lehodimong, empa o re:“ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,
35. ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao.>
36. “Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.”
37. Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”
38. Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.
39. Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.”
40. A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”
41. Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.
42. Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.
43. Bohle ba tshoha, hobane baapostola ba ne ba etsa dimakatso le mehlolo e mengata.
44. Bohle ba dumetseng ba ba mmoho, mme ba kopanela maruo a bona.
45. Ba rekisa maruo a bona le dintho tseo ba neng ba ena le tsona, ba arolelana bohle kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.
46. Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.
47. Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.