1. Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng.
2. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.
3. Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona.
4. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.
5. Moo Jerusalema, ho ne ho ahile Bajuda, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse teng tlasa letsatsi.
6. Ha modumo ona o utlwahala, batho ba bangata ba phutheha, mme ba ferekana, hobane e mong le e mong o ne a utlwa ba bua ka puo ya habo.
7. Ba hlollwa, mme ba tsota, ba re: “Helang! Na baa bohle ba buang hase Bagalelea?
8. Ho tla jwang hore re ba utlwe ba bua puo eo e mong le e mong wa rona a tswaletsweng ho yona?
9. Re le Baparathia, le Bamedia, le Baelame, le baahi ba Mesopotamia, le ba Judea, le ba Kapadokia, le ba Pontose, le ba Asia;
10. re le le ba Firigia, le ba Pamfilea, le ba Egepeta, le dibaka tsa Lebia tse haufi le Sirene, le baeti ba tswang Roma;
11. re le Bajuda le basokolohi, Bakerete le Maarabia, re ba utlwa ba bolela mesebetsi e meholo ya Modimo ka dipuo tsa habo rona!”
12. Bohle ba hlollwa, ba tsieleha, mme ba botsana, ba re: “Hoo ho bolelang?”
13. Empa ba bang ba ba soma, ba re: “Ba tahilwe ke veine.”
14. Yaba Petrose, a ena le ba leshome le motso o mong, o a ema, o phahamisa lentswe, o re ho bona: “Banna ba Judea, le lona baahi bohle ba Jerusalema, tsebang sena, mme le mamele mantswe a ka ka tsebe e lethwethwe.