Baahlodi 9:5-19 BIBELE (SSO89SO)

5. Abimeleke a ya tlung ya ntatae e Ofera, mme a bolaela bana babo, e leng banna ba mashome a supileng, bao e leng bara ba Jerubaale, hodima lejwe le le leng. Empa Jotame, mora wa Jerubaale wa ho fela, yena a sala, hobane o ne a ipatile.

6. Banna bohle ba Shekeme le ba Bethemilo ba phuthehela sefateng sa eike se Shekeme, moo ho nang le sefika, mme ba etsa Abimeleke kgosi ya bona hona teng.

7. Ha Jotame a bolellwa tsena a nyoloha, a fihla a ema tlhorong ya thaba ya Gerisime. A howeletsa, a re ho banna ba Shekeme: “Mmameleng, lona banna ba Shekeme, e le hore Modimo a tle a le mamele.

8. Ho thwe difate di kile tsa kopana ho ikgethela kgosi. Yaba di re ho sefate sa mohlwaare: <Eba kgosi ya rona.>

9. “Empa sefate sa mohlwaare sa re ho difate tseo: <Le re ke tlohele ho etsa ole ya ka, eo ka baka la ka ho tlotlwang Modimo le batho ka yona, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>

10. “Jwale difate tsa re ho sefate sa feiye: <Tloo, o be kgosi ya rona.>

11. “Empa sefate sa feiye sa re ho tsona: <Le re ke tlohele bomonate ba ka, le ditholwana tsa ka tse monate, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>

12. “Yaba difate di re ho sefate sa morara: <Tloo, o be kgosi ya rona.>

13. “Sefate sa morara sa re ho tsona: <Le re ke tlohele veine ya ka e thabisang Modimo le batho, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>

14. “Jwale difate tsohle tsa re ho leoka: <Tloo, o be kgosi ya rona.>

15. “Empa leoka la re ho difate: <Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.>

16. “Ka baka leo, na le sebeditse ka nnete le ka nepo, ka ho etsa Abimeleke kgosi? Na le entse Jerubaale le ba lelapa la hae hantle, ho ya kamoo diketso tsa hae di lokelang kateng?

17. Ntate o le lwanetse, a bea bophelo ba hae kotsing, a le namolela motsohong a Bamidiane.

18. Empa kajeno lona le tsohetse lelapa la ntate matla. Le bolaetse bara ba hae, e leng banna ba mashome a supileng, hodima lejwe le le leng, mme Abimeleke, mora wa lekgabunyane la hae, le mo entse kgosi ya banna ba Shekeme, hobane ke ngwanabo lona.

19. Haeba kajeno le sebeleditse Jerubaale le ba lelapa la hae ka nnete le ka nepo, thabelang Abimeleke, mme le yena a ke a le thabele.

Baahlodi 9