Abimeleke a ya tlung ya ntatae e Ofera, mme a bolaela bana babo, e leng banna ba mashome a supileng, bao e leng bara ba Jerubaale, hodima lejwe le le leng. Empa Jotame, mora wa Jerubaale wa ho fela, yena a sala, hobane o ne a ipatile.