1. Abimeleke, mora wa Jerubaale, a ya Shekeme ho bo-malomae. A bua le bona le ba lelapa lohle la ntataemoholo ya tswalang mmae, a re:
2. “Ke a le kopa: Buang moo bana bohle ba Shekeme ba utlwang, le re: <Ho molemo ho lona ke hofe: Na ke ho buswa ke banna ba mashome a supileng, bao bohle e leng bara ba Jerubaale, kapa ke ho buswa ke monna a le mong feela?> Hopolang hore nna le lona re nama e le nngwe le madi a le mang.”
3. Bo-malomae ba bua mantswe ana wohle ka Abimeleke, moo banna bohle ba Shekeme ba utlwang, mme dipelo tsa bona tsa sekamela ka ho Abimeleke, hobane ba ile ba re: “Ke ngwanabo rona.”
4. Ba nea Abimeleke ditjhelete tse mashome a supileng tsa silefera, tse neng di etswa ka tempeleng ya Baale-Berite. Ka tjhelete ena a hira banna ba dikweta, mme bao ba mo latela.
5. Abimeleke a ya tlung ya ntatae e Ofera, mme a bolaela bana babo, e leng banna ba mashome a supileng, bao e leng bara ba Jerubaale, hodima lejwe le le leng. Empa Jotame, mora wa Jerubaale wa ho fela, yena a sala, hobane o ne a ipatile.
6. Banna bohle ba Shekeme le ba Bethemilo ba phuthehela sefateng sa eike se Shekeme, moo ho nang le sefika, mme ba etsa Abimeleke kgosi ya bona hona teng.
7. Ha Jotame a bolellwa tsena a nyoloha, a fihla a ema tlhorong ya thaba ya Gerisime. A howeletsa, a re ho banna ba Shekeme: “Mmameleng, lona banna ba Shekeme, e le hore Modimo a tle a le mamele.
8. Ho thwe difate di kile tsa kopana ho ikgethela kgosi. Yaba di re ho sefate sa mohlwaare: <Eba kgosi ya rona.>
9. “Empa sefate sa mohlwaare sa re ho difate tseo: <Le re ke tlohele ho etsa ole ya ka, eo ka baka la ka ho tlotlwang Modimo le batho ka yona, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>
10. “Jwale difate tsa re ho sefate sa feiye: <Tloo, o be kgosi ya rona.>
11. “Empa sefate sa feiye sa re ho tsona: <Le re ke tlohele bomonate ba ka, le ditholwana tsa ka tse monate, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>