1. Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.
2. Ha ditsie di kokonne naha yohle, ke ile ka howeletsa, ka re: “Morena Modimo, hauhela Jakobo hle! A ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”
3. Yaba Morena o a hauha, o re:“Sena se ke ke sa etsahala,”ho rialo Morena.
4. Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha.
5. Ke ha ke tla howeletsa, ke re: “Oho, Morena Modimo, ako kgaotse hle! Jakobo a ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”
6. Yaba Morena Modimo o a hauha, o re:“Le sena se ke ke sa etsahala,”ho rialo Morena Modimo.
7. Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae.
8. Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?”Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.”Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.
9. “Dibaka tsa borapedi tsa Isaka,di tla heletswa,le dihalalelo tsa Iseraeledi fetolwe masupi;ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame,ke e futuhele ka sabole ya ka.”