1. Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.
2. Ha ditsie di kokonne naha yohle, ke ile ka howeletsa, ka re: “Morena Modimo, hauhela Jakobo hle! A ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”
3. Yaba Morena o a hauha, o re:“Sena se ke ke sa etsahala,”ho rialo Morena.
4. Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha.
5. Ke ha ke tla howeletsa, ke re: “Oho, Morena Modimo, ako kgaotse hle! Jakobo a ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”
6. Yaba Morena Modimo o a hauha, o re:“Le sena se ke ke sa etsahala,”ho rialo Morena Modimo.
7. Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae.
8. Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?”Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.”Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.
9. “Dibaka tsa borapedi tsa Isaka,di tla heletswa,le dihalalelo tsa Iseraeledi fetolwe masupi;ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame,ke e futuhele ka sabole ya ka.”
10. Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae.
11. Amose o bua tjena:“ <Jeroboame o tla bolawa,a bolawe ka sabole,ruri Baiseraele ba tla thopuwa,ba thopelwe hole,hole le naha ya habo bona.> ”
12. Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele!
13. O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.”
14. Amose a araba Amasiya, a re: “Ke ne ke se moporofeta kapa mora wa moporofeta, empa ke ne ke le modisana, ke bile ke hlokomela difate tsa feiye.
15. Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: <Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.>
16. Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re:“ <O se ke wa porofetela Iseraele,thutong ya haoo se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.> ”
17. “Ka baka leo, Morena o bua tjena:“ <Mohatsa haootla fetoha seotswa hara motse,bara le baradi ba haoba bolawe ka sabole.Naha ya heno e tla arolelwa basele,wena o yo shwela naheng,naheng e silafetseng.Ruri Baiseraele ba tla thopuwa,ba thopelwe hole,hole le naha ya habo bona.> ”