2 Samuele 23:16-21 BIBELE (SSO89SO)

16. Bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena,

17. a re: “Morena nthuse ke se ke ka a nwa! Ho a nwa e tla be e le ho nwa madi a banna ba ileng ba ipea kotsing.” Ka baka leo, a se ke a a nwa.Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.

18. Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.

19. A tuma ho feta bahlabani ba mashome a mararo, ya eba molaodi wa bona. Empa a se ke a tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele.

20. Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng ya etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya banna ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.

21. A bolaya monna wa seithati wa Moegepeta, ya neng a tshwere lerumo, ha Benaya yena a ne a tshwere molamu. Benaya a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae.

2 Samuele 23