Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng ya etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya banna ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.