7. Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.
8. Eitse ha ba fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a kgahlana le bona. Joabe o ne a apere seaparo sa bohlabani, se tlamilweng ka leqhama le nang le sabole. Sabole eo e ne e le ka selateng sa yona, e tlameletswe thekeng ho yena. Ha a ntse a tsamaya, sabole eo ya monyohela fatshe.
9. Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake.
10. Empa Amasa a se ke a tsotella sabole e ka letsohong la Joabe. Joabe a mo hlaba ka yona mpeng, mala a petletsehela fatshe, mme Amasa a shwa Joabe a sa mo pheta le ho mo pheta.Jwale bo-Joabe le Abishai ngwanabo, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.
11. E mong wa bahlabani ba Joabe a ema pela Amasa, mme a re: “Mang le mang ya latelang Joabe le Davida a fetele ka ho Joabe!”
12. Amasa yena a sala a rapaletse kahara letsha la madi a hae, kahara mmila o moholo. Ha monna eo a bona hore batho bohle ba eme tlekelele! a tlosa setopo sa Amasa ka mmileng o moholo, a se hulanyetsa kathoko ho tsela. Ha a bona hore batho bohle ba fihlang moo ba ema tlekelele! Yaba o se kwahela ka kobo.
13. Hoba setopo sa Amasa se tloswe mmileng, batho bohle ba latela Joabe, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.
14. Sheba a fohla merabe yohle ya Iseraele, a ba a ya fihla Abele-Bete-Maaka le ho Baberi. Bohle ba phutheha, mme le bona ba mo latela.
15. Ha Sheba a le Abele-Bete-Maaka, balatedi ba Joabe ba mo etsetsa thibella. Ba tshela mobu, wa etsa qubu pela lerako la motse. Ba thuthuka lerako leo hore ba le dihe.
16. Mosadi e mong ya bohlale a howeletsa a le kahara motse, a re: “Theang tsebe, le mamele! Bolellang Joabe, le re: <Atamela kwano, re ke re tlo bua!> ”
17. Joabe a atamela, mme mosadi eo a re ho yena: “Na ke wena Joabe?”Joabe a re: “E, ke nna Joabe!”Jwale mosadi a re ho yena: “Ako mamele puo ya lekgabunyane la hao.”Joabe a re: “Ke mametse!”