Amasa yena a sala a rapaletse kahara letsha la madi a hae, kahara mmila o moholo. Ha monna eo a bona hore batho bohle ba eme tlekelele! a tlosa setopo sa Amasa ka mmileng o moholo, a se hulanyetsa kathoko ho tsela. Ha a bona hore batho bohle ba fihlang moo ba ema tlekelele! Yaba o se kwahela ka kobo.