22. Jwale Hilekiya le bao kgosi e ba kgethileng, ba ya ho Huleda, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Hasera, molebedi wa diaparo. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena ka taba ena.
23. Moporofeta a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Bolellang monna ya le rommeng ho nna,
24. le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda.
25. Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.>
26. Empa kgosi ya Juda, e le rometseng ho tla e botsetsa Morena, le tle le e bolelle, le re: <Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena, malebana le mantswe ao o a utlwileng.
27. Ka baka la hobane pelo ya hao e bile bonolo, wa ikokobeletsa Modimo, ha o utlwa tsa hae tseo a di buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, wa ikokobeletsa nna, wa hahola diaparo tsa hao, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena.