2 Diketsahalo 34:22 BIBELE (SSO89SO)

Jwale Hilekiya le bao kgosi e ba kgethileng, ba ya ho Huleda, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Hasera, molebedi wa diaparo. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena ka taba ena.

2 Diketsahalo 34

2 Diketsahalo 34:17-25