17. Ba ntshitse tlhelete e neng e le ka Tempeleng ya Morena, mme ba e neile baokamedi le basebetsi.”
18. Shafane eo e neng e le mongodi, a bolella kgosi, a re: “Moprista Hilekiya o nneile buka ena.” Yaba Shafane o e balla kgosi.
19. Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona,
20. ya laela Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Abadone, mora wa Mmika, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:
21. “Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”
22. Jwale Hilekiya le bao kgosi e ba kgethileng, ba ya ho Huleda, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Hasera, molebedi wa diaparo. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena ka taba ena.
23. Moporofeta a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Bolellang monna ya le rommeng ho nna,
24. le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda.
25. Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.>