2 Diketsahalo 27 BIBELE (SSO89SO)

Puso ya Jotame, kgosi ya Juda

1. Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke.

2. Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa. Feela ha a a ka a kena ka Tempeleng ya Morena. Setjhaba sona sa nna sa etsa bokgopo.

3. Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo.

4. Le dithabeng tsa naha ya Juda a haha metse, mme merung a haha diqhobosheane le ditora.

5. A futuhela le kgosi ya Baamone, a e hlola. Ka sona selemo seo Baamone ba mo thella ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le ka koro e etsang boima ba dithane tse sekete, le ka harese e etsang boima ba dithane tse sekete. Ka selemo sa bobedi, le ka selemo sa boraro, Baamone ba nna ba mo thella hakaalo.

6. Jotame a matlafala, hobane o ne a tshepahala ho Morena Modimo wa hae.

7. Diketso tse ding tsa Jotame, le dintwa tsohle tsa hae, le mesebetsi ya hae, tsena di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda.

8. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema.

9. Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama.