2 Diketsahalo 17 BIBELE (SSO89SO)

Puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda

1. Jehoshafate, mora wa Asa, a hlahlama ntatae, mme a imatlafatsa, hore a se ke a futuhelwa ke Iseraele.

2. A bea mabotho a hae metseng yohle e haheleditsweng e naheng ya Juda. A hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Juda le metseng ya naha ya ba morabe wa Efraime, eo Asa, ntatae, a neng a ile a e hapa.

3. Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale,

4. a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele.

5. Ka baka leo, Morena a tsitsisa mmuso wa hae. Bohle ba setjhaba sa Juda ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, mme a rua haholo, a tlotleha.

6. A ba motlotlo ho sebeletsa Morena. A ba a fedisa le dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a tlosa le ditshwantsho tsa Ashera naheng ya Juda.

7. Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a romela mahosana a hae, e leng Bene-Haile, le Obadiya, le Sekariya, le Netanele, le Mmikiya, ho ya ruta metseng ya Juda.

8. A ba romela ba ena le Balevi bana: Shemaya, le Netaniya, le Sebadiya, le Asaele, le Shemiramote, le Jehonathane, le Adoniya, le Tobiya, le Tobe-Adoniya, le baprista Eleshama le Jehorame.

9. Ba ruta hohle naheng ya Juda, ba nkile Buka ya Molao wa Morena. Ba ya metseng yohle ya Juda ba ntse ba ruta setjhaba.

Botumo ba Jehoshafate

10. Morena a kenya mebuso yohle e potapotileng naha ya Juda letswalo, hoo e sa kang ya lwantsha Jehoshafate.

11. Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.

12. Jehoshafate a nna a matlafala haholo. A haha diqhobosheane le metse eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, naheng ya Juda.

13. A ba le dibaka tse ngata tsa polokelo metseng ya Juda. Jerusalema teng o ne a ena le bahlabani ba bahale.

14. Palo ya bahlabani bana, ho ya ka malapa abo bona, ke ena: Ho ba morabe wa Juda, Adena e ne e le mookamedi wa balaodi ba ba sekete; a okametse bahale ba dikete tse makgolo a mararo.

15. E mong e ne e le Jehohanane, eo e neng e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi le mashome a robedi;

16. e mong e le Amasiya, mora wa Sikeri, ya ileng a ithaopela ho sebeletsa Morena. E ne e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi.

17. Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Eleada wa mohale, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse makgolo a mabedi, ba hlomelang ka dithebe le ka diqha.

18. E mong e ne e le Jehosabada, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi, ba malala-a-laotswe.

19. Banna bana bohle ba ne ba sebeletsa kgosi, ntle ho bao kgosi e neng e ba beile metseng e haheleditsweng e neng e le naheng yohle ya Juda.