1. Amasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne le Jehowadane, eo hahabo e neng e le Jerusalema.
2. Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng ka pelo ya hae yohle.
3. Yare ha a se a tsitsitse bokgosing ba hae, a bolaya bahlanka ba hae, ba neng ba bolaye kgosi, e leng ntatae.
4. Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, a mpa a etsa jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.”
5. Amasiya a kgobokanya setjhaba sa Juda kaofela. Hara ba morabe wohle wa Juda, le wa Benjamine, a kgetha balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. A ba bala ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, mme kaofela ya eba mokgetho wa bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, e le banna ba ka yang ntweng, ba ka lwanang ka thebe le lerumo.
6. Le naheng ya Iseraele a hira bahlabani ba dikete tse lekgolo ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane.
7. Empa moporofeta wa Modimo a fihla ho Amasiya, a re: “Oho hle, kgosi, lebotho la Iseraele le se ke la ya ntweng le wena, hobane Morena ha a yo hara bana ba Iseraele, ha a yo le hara bohle ba morabe wa Efraime.
8. Haeba o rata ho futuha, futuha, o imatlafaletse ntwa. Modimo o tla etsa hore sera sa hao se o hlole, hobane Modimo o na le matla a ho thusetsa, le matla a hore motho a hlolwe.”
9. Yaba Amasiya o re ho moporofeta wa Modimo: “Jwale re tla etsa jwang ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, eo re seng re lefile lebotho la Iseraele ka yona?”Moporofeta wa Modimo a araba, a re: “Morena a ka o nea e ngata ho feta ena.”