Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, a mpa a etsa jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.”