2 Diketsahalo 17:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Jehoshafate, mora wa Asa, a hlahlama ntatae, mme a imatlafatsa, hore a se ke a futuhelwa ke Iseraele.

2. A bea mabotho a hae metseng yohle e haheleditsweng e naheng ya Juda. A hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Juda le metseng ya naha ya ba morabe wa Efraime, eo Asa, ntatae, a neng a ile a e hapa.

3. Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale,

4. a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele.

5. Ka baka leo, Morena a tsitsisa mmuso wa hae. Bohle ba setjhaba sa Juda ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, mme a rua haholo, a tlotleha.

6. A ba motlotlo ho sebeletsa Morena. A ba a fedisa le dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a tlosa le ditshwantsho tsa Ashera naheng ya Juda.

7. Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a romela mahosana a hae, e leng Bene-Haile, le Obadiya, le Sekariya, le Netanele, le Mmikiya, ho ya ruta metseng ya Juda.

8. A ba romela ba ena le Balevi bana: Shemaya, le Netaniya, le Sebadiya, le Asaele, le Shemiramote, le Jehonathane, le Adoniya, le Tobiya, le Tobe-Adoniya, le baprista Eleshama le Jehorame.

9. Ba ruta hohle naheng ya Juda, ba nkile Buka ya Molao wa Morena. Ba ya metseng yohle ya Juda ba ntse ba ruta setjhaba.

10. Morena a kenya mebuso yohle e potapotileng naha ya Juda letswalo, hoo e sa kang ya lwantsha Jehoshafate.

11. Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.

2 Diketsahalo 17