2 Bathesalonika 3:7-18 BIBELE (SSO89SO)

7. Lona le tseba kamoo le tlamehang ho re etsisa kateng. Ha re a ka ra ba dikgoba ha re ne re ena le lona,

8. leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona.

9. Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise.

10. Ha re ne re sa na le lona, re nnile ra le laela hore haeba e mong a sa rate ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.

11. Jwale re utlwa hore ba bang ba teng hara lona ba phelang e le dikgoba, ba sa sebetseng letho, ba itshunyakang hohle tabeng tsa ba bang.

12. Ka Morena wa rona Jesu Kreste, ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothaletsa hore ba sebetse ka kgotso, ba sebeletse tseo ba ka di jang.

13. Ha e le lona, bana beso, le se kgathale ho etsa hantle.

14. Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.

15. Feela le se mo nke e le sera, empa le mo kgalemele e le ngwanabo lona.

16. Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.

17. Tumediso ena e ngotswe ka letsoho la ka, nna Paulosi. Mangolong wohle a ka ke ngola tjena; ona ke mongolo wa ka.

18. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle.

2 Bathesalonika 3