2 Bathesalonika 3 BIBELE (SSO89SO)

Re rapelleng

1. Bana beso, re qetella ka ho re le re rapelle, e le hore lentswe la Morena le nne le anafale, le tlotliswe, jwalokaha le se le tlotlisitswe ho lona.

2. Re rapelleng hore re tle re namolelwe bathong ba sa lokang, ba kgopo, hobane hase bohle ba nang le tumelo.

3. Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.

4. Morena o re fa tshepo ya hore le ntse le etsa, mme le tla nne le etse seo re le laelang sona.

5. Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.

Kotsi ya ho ba sekgoba

6. Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona.

7. Lona le tseba kamoo le tlamehang ho re etsisa kateng. Ha re a ka ra ba dikgoba ha re ne re ena le lona,

8. leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona.

9. Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise.

10. Ha re ne re sa na le lona, re nnile ra le laela hore haeba e mong a sa rate ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.

11. Jwale re utlwa hore ba bang ba teng hara lona ba phelang e le dikgoba, ba sa sebetseng letho, ba itshunyakang hohle tabeng tsa ba bang.

12. Ka Morena wa rona Jesu Kreste, ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothaletsa hore ba sebetse ka kgotso, ba sebeletse tseo ba ka di jang.

13. Ha e le lona, bana beso, le se kgathale ho etsa hantle.

14. Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.

15. Feela le se mo nke e le sera, empa le mo kgalemele e le ngwanabo lona.

Tlhohonolofatso

16. Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.

17. Tumediso ena e ngotswe ka letsoho la ka, nna Paulosi. Mangolong wohle a ka ke ngola tjena; ona ke mongolo wa ka.

18. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle.