1. Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.
2. Mahosana a Bafilesita a nna a subuhlellana ka makgolo le ka dikete; Davida le bahlabani ba hae ba ena le Akishe, ya eba ba ho qetela.
3. Yaba mahosana a Bafilesita a re: “Baheberu baa ba batlang moo?”Akishe a re ho mahosana a Bafilesita: “Enwa ke Davida, mohlanka wa Saule, kgosi ya Iseraele, eo e seng e le nako a le ho nna mona. Haesale a fihla mona, ha ke eso fumane phoso ho yena ho fihlela kajeno.”
4. Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona?
5. Na hase yena Davida eo ba neng ba mmina metjekong, ba re:“ <Saule o bolaile ba hae ba dikete,Davida yenao bolaile ba kete tsa dikete?> ”
6. Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.
7. Ka baka lena he, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa kgopisa mahosana a Bafilesita.”
8. Yaba Davida o re ho Akishe: “Empa ke entseng? Ho tloha ka letsatsi leo ke fihlileng ka lona mona, ho fihlela kajeno, o fumane phoso efe ho mohlanka wa hao, hoo nke keng ka ya lwantsha dira tsa monga ka, kgosi ya ka?”
9. Akishe a araba Davida, a re: “Ke a tseba hore o tshepahala jwaloka lengeloi la Modimo, empa leha ho le jwalo, mahosana a Bafilesita a itse: <A se ke a ba a ya ntweng le rona!>
10. Ka baka lena, o tle o tsohe e sa le ka madungwadungwana le bahlanka ba monga hao ba tlileng le wena, mme hanghang ha ho qala ho ela, o tsamaye.”
11. Kahoo Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita, mme Bafilesita bona ba nyolohela Jesereele.