1 Samuele 24 BIBELE (SSO89SO)

Davida o hauhela Saule

1. Ha Saule a kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, batho ba mmolella, ba re: “Hela! Davida o lehwatateng la Ene-Gedi.”

2. Saule a nka mokgetho wa banna ba dikete tse tharo setjhabeng sohle sa Iseraele, a tsamaya ho ya batla Davida le banna ba hae Mafikeng a Dipodi tsa Naha.

3. Yaba Saule o fihla masakeng a dinku, a pela tsela, moo ho neng ho ena le lehaha teng; a kena ka lehaheng leo ho ya ithoma. Davida le banna ba hae ba ne ba keneletse kgotjheletsaneng ya lehaha.

4. Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: <Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona.> ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule.

5. Kamorao ho mona letswalo la Davida la mo ja, hobane a ne a sehile qola ya seaparo sa Saule.

6. Davida a re ho banna ba hae: “Morena a mpe a ntshware letsoho, ke se ke ka etsa ntho ena ho monga ka, motlotsuwa wa Morena. Ke se ke ka ba ka mo isa letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.”

7. Davida a kgalemela banna ba hae ka mantswe ana, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Yaba Saule o a ema, o tswa ka lehaheng, o ikela ka tsela ya hae.

8. Hamorao Davida le yena a ema, a tswa ka lehaheng, a howeletsa Saule, a re: “Kgosi ya ka! Monga ka!” Ha Saule a hetla, Davida a obama, a isa hlompho.

9. Davida a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o mamela batho ba reng: <Itlhokomele, Davida o rata ho o ntsha kotsi?>

10. Kajeno lena o bone kamoo Morena a neng a neelane ka wena matsohong a ka kateng, ha o le ka lehaheng. Ba bang ba ne ba re ke o bolaye, empa ke ile ka o hauhela, ka re: <Nke ke ka isa monga ka letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.>

11. Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.

12. Morena a ke a ahlole pakeng tsa rona le wena, mme Morena e be mophetetsi wa ka ho wena. Empa nna nke ke ka o isa letsoho.

13. Jwalokaha maele a baholoholo a bolela: <Bokgopo bo etswa ke ba kgopo,> empa nna nke ke ka o isa letsoho.

14. “Ke mang eo kgosi ya Iseraele e tswileng bosele ka baka la hae? Ke mang eo e mo phaladisang? E phaladisa ntja e shweleng, kapa letsetse!

15. Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”

16. Hoba Davida a bue mantswe ana ho Saule, yaba Saule o re: “Davida, mora wa ka, na ke wena ya buang?” Saule a lla haholo.

17. Jwale Saule a re ho Davida: “O lokile ho mpheta, hobane wena o nketseditse tse molemo, athe nna ke o putsitse ka tse mpe.

18. Kajeno lena o mpontshitse kamoo o nketseng hantle kateng, hobane leha Morena a ne a neelane ka nna matsohong a hao, wena ha o a ka wa mpolaya.

19. Ha motho a fumana sera sa hae, na a ka se tlohela sa ikela se ntse se phela? Morena a ke a o putse ka tse molemo, ka baka la seo o nketseditseng sona kajeno.

20. Jwale ke a tseba hore o tla fela o be kgosi, mme mmuso wa Iseraele o tla thewa ke wena.

21. Ka baka leo, ntlahapanyetse ka Morena hore o ke ke wa timetsa ditloholo tsa ka, le hore o ke ke wa fedisa lebitso la ka tlung ya ntate.”

22. Davida a hlapanyetsa Saule; Saule a ikela ha hae, empa Davida yena le banna ba hae ba nyolohela qhobosheaneng.