1 Dikgosi 3:9-26 BIBELE (SSO89SO)

9. Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”

10. Kopo ena ya Solomone ya kgahla Morena,

11. mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng,

12. ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona.

13. Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.

14. Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”

15. Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.

16. Jwale basadi ba babedi ba diotswa ba ya ho kgosi, ba fihla ba ema kapele ho yona.

17. Mosadi e mong a re: “Oho, monga ka, rona le mosadi enwa re phela ka tlung e le nngwe, mme ke ile ka beleha ngwana ke ena le mosadi enwa ka tlung.

18. Ha ho fetile matsatsi a mararo ke belehile, mosadi enwa le yena o ile a beleha. Re ne re ena le yena, ho se motho e mong ya nang le rona ka tlung, haese rona ba babedi feela.

19. “Ngwana wa mosadi enwa a shwa bosiu, kaha mmae a ile a mo hata.

20. Mosadi enwa ke ha a tsoha hara bosiu, lekgabunyane la hao le sa kgalehile, a nka mora wa ka lehlakoreng la ka, a robala le yena, mme a kenya ngwana wa hae ya shweleng ka dikobong tsa ka.

21. Hoseng ha ke tsoha, ke re ke nyantsha ngwana wa ka, ka fumana hore o shwele. Empa ha ke mo tadimisisa, ha ho se ho edile, ka bona hore hase mora wa ka, eo ke mo tswetseng.”

22. Mosadi wa bobedi a re: “Tjhe! Ngwana ya phelang ke mora wa ka; mora wa hao ke ya shweleng.”Wa pele le yena a re: “Tjhe! Mora wa hao ke ya shweleng; wa ka ke ya phelang.” Ba ngangisana jwalo kapele ho kgosi.

23. Jwale kgosi ya re: “Enwa o re: <Mora enwa ya phelang ke wa ka, wa hao ke ya shweleng;> enwa le yena o re: <Tjhe! mora wa hao ke ya shweleng, wa ka ke ya phelang.> ”

24. Kgosi ya re: “Ntlisetseng sabole!” Yaba ba tlisetsa kgosi sabole.

25. Kgosi ya boela ya re: “Kgekgethang ngwana enwa ya phelang, le nee mosadi e mong le e mong mokgekgetho!”

26. Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.”Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!”

1 Dikgosi 3