1 Dikgosi 3 BIBELE (SSO89SO)

Solomone o nyala moradi wa Faro

1. Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema.

2. Feela setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hobane ho fihlela ka nako eo, Morena o ne a eso ka a hahelwa Tempele.

Solomone o kopa hore a fuwe bohlale

3. Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng.

4. Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.

5. Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.”

6. Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.

7. “Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang.

8. Mohlanka wa hao o busa setjhaba sa hao, seo o ikgethetseng sona, se sengata hoo se ke keng sa balwa.

9. Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”

10. Kopo ena ya Solomone ya kgahla Morena,

11. mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng,

12. ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona.

13. Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.

14. Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”

15. Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.

Diotswa tse pedi di ipiletsa ho Solomone

16. Jwale basadi ba babedi ba diotswa ba ya ho kgosi, ba fihla ba ema kapele ho yona.

17. Mosadi e mong a re: “Oho, monga ka, rona le mosadi enwa re phela ka tlung e le nngwe, mme ke ile ka beleha ngwana ke ena le mosadi enwa ka tlung.

18. Ha ho fetile matsatsi a mararo ke belehile, mosadi enwa le yena o ile a beleha. Re ne re ena le yena, ho se motho e mong ya nang le rona ka tlung, haese rona ba babedi feela.

19. “Ngwana wa mosadi enwa a shwa bosiu, kaha mmae a ile a mo hata.

20. Mosadi enwa ke ha a tsoha hara bosiu, lekgabunyane la hao le sa kgalehile, a nka mora wa ka lehlakoreng la ka, a robala le yena, mme a kenya ngwana wa hae ya shweleng ka dikobong tsa ka.

21. Hoseng ha ke tsoha, ke re ke nyantsha ngwana wa ka, ka fumana hore o shwele. Empa ha ke mo tadimisisa, ha ho se ho edile, ka bona hore hase mora wa ka, eo ke mo tswetseng.”

22. Mosadi wa bobedi a re: “Tjhe! Ngwana ya phelang ke mora wa ka; mora wa hao ke ya shweleng.”Wa pele le yena a re: “Tjhe! Mora wa hao ke ya shweleng; wa ka ke ya phelang.” Ba ngangisana jwalo kapele ho kgosi.

Solomone o ahlolela diotswa

23. Jwale kgosi ya re: “Enwa o re: <Mora enwa ya phelang ke wa ka, wa hao ke ya shweleng;> enwa le yena o re: <Tjhe! mora wa hao ke ya shweleng, wa ka ke ya phelang.> ”

24. Kgosi ya re: “Ntlisetseng sabole!” Yaba ba tlisetsa kgosi sabole.

25. Kgosi ya boela ya re: “Kgekgethang ngwana enwa ya phelang, le nee mosadi e mong le e mong mokgekgetho!”

26. Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.”Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!”

27. Jwale kgosi ya re: “Neang mosadi wa pele ngwana ya phelang, le se ke la mmolaya! Ke yena mmae.”

28. Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.