Tshenolo 16:7-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.

8. Lengeloi la bone la tshollela nkgo ya lona hodima letsatsi; mme letsatsi la newa matla a ho tjhesa batho ka mollo.

9. Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.

10. Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; yaba mmuso wa sona o ba lefifi, batho ba itoma maleme ka baka la bohloko.

11. Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko a bona le la dibebe tsa bona, empa ha ba ka ba baka diketsong tsa bona.

12. Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.

13. Yaba ke bona ho etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata, meya e ditshila e meraro, e kang dihoho.

14. Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.

15. Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!

16. Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu.

17. Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona sebakeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ka nqa ya terone, la re: Ho entswe!

18. Yaba ho hlaha mantswe, le mahadima, le diaduma, mme tshisinyeho e tshabehang ya lefatshe ya eba teng, eo, esaleng batho ba le lefatsheng, tshisinyeho e kalo e sa kang ya eba teng.

19. Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.

20. Dihlekehleke tsohle tsa baleha, mme dithaba ha di a ka tsa hlola di fumanwa.

21. Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.

Tshenolo 16