1. Yaba ke utlwa lentswe le leholo, le tswang tempeleng, le howeletsa mangeloi a supileng, le re: Eyang, le tshollele lefatsheng dinkgo tse supileng tsa bohale ba Modimo.
2. La pele la ya, mme la tshollela nkgo ya lona lefatsheng, mme ba nkileng letshwao la sebata, le ba rapelang setshwantsho sa sona, ba tswa dibebe tse mpe, tse bohloko boselesele.
3. Lengeloi la bobedi la tshollela nkgo ya lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang madi a motho ya shweleng, mme tse phelang lewatleng kaofela tsa eshwa.
4. Lengeloi la boraro la tshollela nkgo ya lona dinokeng le didibeng tsa metsi, mme tsa fetoha madi.
5. Mme ka utlwa lengeloi la metsi, le re: O lokile, Morena, ya leng teng, ya neng a le teng, ya halalelang, ha o ahlotse jwalo.
6. Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.
7. Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.
8. Lengeloi la bone la tshollela nkgo ya lona hodima letsatsi; mme letsatsi la newa matla a ho tjhesa batho ka mollo.
9. Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.
10. Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; yaba mmuso wa sona o ba lefifi, batho ba itoma maleme ka baka la bohloko.
11. Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko a bona le la dibebe tsa bona, empa ha ba ka ba baka diketsong tsa bona.
12. Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.
13. Yaba ke bona ho etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata, meya e ditshila e meraro, e kang dihoho.
14. Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.
15. Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!
16. Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu.
17. Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona sebakeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ka nqa ya terone, la re: Ho entswe!
18. Yaba ho hlaha mantswe, le mahadima, le diaduma, mme tshisinyeho e tshabehang ya lefatshe ya eba teng, eo, esaleng batho ba le lefatsheng, tshisinyeho e kalo e sa kang ya eba teng.
19. Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.
20. Dihlekehleke tsohle tsa baleha, mme dithaba ha di a ka tsa hlola di fumanwa.
21. Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.