Mareka 12:35-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Jesu, ha a ntse a ruta tempeleng, a bua, a re: Bangodi ba bolela jwang hore Kreste ke mora wa Davida?

36. Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.

37. Na ha yena Davida a mmitsa Morena wa hae, e ka ba mora wa hae jwang? Mme bongata bo boholo bo ne bo mo utlwa ka thabo.

38. Thutong ya hae, a re ho bona: Sesefang bangodi ba ratang ho itsamaela ka kobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong;

39. ba ratang ditulo tse kapele masinagogeng le ditulo tse kapele meketeng;

40. ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.

41. Jesu o ne a dutse malebana le polokelo ya letlotlo, a tadimile kamoo batho ba nokelang ditjhelete kateng, polokelong ya letlotlo. Barui ba bangata ba ne ba nokela tse ngata.

42. Yaba ho tla mosadi wa mohlolohadi ya fumanehileng, a nokela tjheletana tse pedi, tse bang farethine.

43. Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi enwa ya fumanehileng o noketse ho fetisa bohle ba noketseng polokelong ya letlotlo.

44. Hobane bohle ba noketse ba nkile ho tlallweng ha bona; empa enwa o noketse a nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a na le hona, hohle hoo a neng a phela ka hona.

Mareka 12