Mareka 12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Setshwantsho sa balemi le sa lejwe la sekgutlo.

1. Jwale, a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: Motho o ne a hlomile tshimo ya merara, a e sireletsa ka motero; a tjheka sehatelo teng, a haha tora, a e laeletsa balemi, a ntoo eta.

2. Ka nako ya dijo, a romela mohlanka ho balemi, hore a nke ditholwana tsa morara ho balemi.

3. Ba mpa ba mo tshwara, ba mo otla, mme ba mo kgutlisa a le feela.

4. A boela a romela ho bona mohlanka e mong; empa yena ba mo betsa ka majwe, ba mmata hlooho, mme ba mo kgutlisa ka dihlong.

5. A boela a roma e mong; yena ba mmolaya. A roma ba bang ba bangata; ba otla ba bang, ba bang ba ba bolaya.

6. Jwaloka hobane a sa na le mora wa hae, ya leng mong, ya ratwang, le yena a mo romela ho bona e le wa qetello, a re: Ba tla hlonepha mora ka.

7. Empa balemi bao ba bolellana, ba re: Eo ke mojalefa; tlong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.

8. Ba mo tshwara, ba mmolaya, ba ntoo mo lahlela kantle ho tshimo ya merata.

9. Hleka monga tshimo ya merara o tla etsa jwang na? O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea basele.

10. Ana ha le eso ho ka le bala lengolo le reng: Lejwe leo bahahi ba neng ba le lahlile, ke lona le entsweng motheo wa sekgutlo?

11. Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.

12. Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela.

Jesu o botswa dipotso bakeng sa lekgetho le ntshetswang Sesare, — le sa tsoho ya bafu, — le sa molao o moholo.

13. Yaba ba romela ho yena ba bang ba bafarisi le ba Baheroda, hore ba mo tshwase ka dipolelo tsa hae.

14. Bao ba tla, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hoba o wa nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa tsela ya Modimo o e ruta ka nnete. Hleka ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa ha ho jwalo na? Re ntshe, kapa re se ntshe?

15. Empa yena, ka ho lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang na? Ntlisetseng denare, ke e bone.

16. Ba e tlisa. Yaba o re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang? Ba re ho yena: Ke la Sesare.

17. Yaba Jesu o ba araba, a re: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.

18. Jwale basadusi, ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re:

19. Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Ekare ha moholwane wa mmona a shwele, mme a siile mosadi, a mpa a sa ka a siya bana, moenae a nke mosadi wa hae, a hlahisetse moholwane wa hae bana.

20. Ho ne ho le bara ba supileng ba motho a le mong; e moholo a nka mosadi, mme a shwa a sa siye ngwana.

21. Wa bobedi le yena a mo nka, mme a shwa a sa siye ngwana le yena; le ho wa boraro ha eba jwalo.

22. Ba supileng bao ba mo nka, mme ha ba ka ba siya bana; kamora bona kaofela, mosadi le yena a shwa.

23. Hleka ha ho le jwalo, tsohong ya bafu, mohla ho tsohuwang, mosadi eo e tla ba wa ofe ho bona, haele mona e bile mosadi wa bona ba supileng?

24. Jesu a ba araba, a re: Na ho lahleha ha lona hase kahobane le sa tsebe Mangolo, leha e le matla a Modimo na?

25. Hobane mohla ho tsohuwang bafung, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi mahodimong.

26. Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?

27. Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Lona, le lahlehile haholo.

28. E mong wa bangodi, ya ba utlwileng ha ba arabana, ha a bona hobane o ba arabile hantle, a mo atamela, a mmotsa, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke ofe na?

29. Jesu a mo araba, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke o reng: Utlwa, Iseraele; Morena, Modimo wa rona, ke Morena a nnotshi,

30. mme o rate Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle, le ka matla a hao wohle; ke wona molao wa pele.

31. Mme wa bobedi o tshwanang le wona ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ha ho molao o moholo ho yona eo.

32. Mongodi a re ho yena: Ke hantle, moruti; o boletse ka nnete ha o re: Modimo o mong, mme ha ho o mong haese wona;

33. mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.

34. Jesu, ha a mmona hoba o arabile ka kelello, a re ho yena: Ha o hole le mmuso wa Modimo. Mme ha ho a ka ha hlola ho eba motho ya betang pelo ho mmotsa.

Kreste ke mora mang?

35. Jesu, ha a ntse a ruta tempeleng, a bua, a re: Bangodi ba bolela jwang hore Kreste ke mora wa Davida?

36. Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.

37. Na ha yena Davida a mmitsa Morena wa hae, e ka ba mora wa hae jwang? Mme bongata bo boholo bo ne bo mo utlwa ka thabo.

Bangodi ba nyatswa ke Jesu.

38. Thutong ya hae, a re ho bona: Sesefang bangodi ba ratang ho itsamaela ka kobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong;

39. ba ratang ditulo tse kapele masinagogeng le ditulo tse kapele meketeng;

40. ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.

Kabelo ya mosadi wa mohlolohadi.

41. Jesu o ne a dutse malebana le polokelo ya letlotlo, a tadimile kamoo batho ba nokelang ditjhelete kateng, polokelong ya letlotlo. Barui ba bangata ba ne ba nokela tse ngata.

42. Yaba ho tla mosadi wa mohlolohadi ya fumanehileng, a nokela tjheletana tse pedi, tse bang farethine.

43. Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi enwa ya fumanehileng o noketse ho fetisa bohle ba noketseng polokelong ya letlotlo.

44. Hobane bohle ba noketse ba nkile ho tlallweng ha bona; empa enwa o noketse a nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a na le hona, hohle hoo a neng a phela ka hona.