Mareka 12:29-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Jesu a mo araba, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke o reng: Utlwa, Iseraele; Morena, Modimo wa rona, ke Morena a nnotshi,

30. mme o rate Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle, le ka matla a hao wohle; ke wona molao wa pele.

31. Mme wa bobedi o tshwanang le wona ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ha ho molao o moholo ho yona eo.

32. Mongodi a re ho yena: Ke hantle, moruti; o boletse ka nnete ha o re: Modimo o mong, mme ha ho o mong haese wona;

33. mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.

34. Jesu, ha a mmona hoba o arabile ka kelello, a re ho yena: Ha o hole le mmuso wa Modimo. Mme ha ho a ka ha hlola ho eba motho ya betang pelo ho mmotsa.

35. Jesu, ha a ntse a ruta tempeleng, a bua, a re: Bangodi ba bolela jwang hore Kreste ke mora wa Davida?

36. Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.

37. Na ha yena Davida a mmitsa Morena wa hae, e ka ba mora wa hae jwang? Mme bongata bo boholo bo ne bo mo utlwa ka thabo.

Mareka 12