19. Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Ekare ha moholwane wa mmona a shwele, mme a siile mosadi, a mpa a sa ka a siya bana, moenae a nke mosadi wa hae, a hlahisetse moholwane wa hae bana.
20. Ho ne ho le bara ba supileng ba motho a le mong; e moholo a nka mosadi, mme a shwa a sa siye ngwana.
21. Wa bobedi le yena a mo nka, mme a shwa a sa siye ngwana le yena; le ho wa boraro ha eba jwalo.
22. Ba supileng bao ba mo nka, mme ha ba ka ba siya bana; kamora bona kaofela, mosadi le yena a shwa.
23. Hleka ha ho le jwalo, tsohong ya bafu, mohla ho tsohuwang, mosadi eo e tla ba wa ofe ho bona, haele mona e bile mosadi wa bona ba supileng?
24. Jesu a ba araba, a re: Na ho lahleha ha lona hase kahobane le sa tsebe Mangolo, leha e le matla a Modimo na?
25. Hobane mohla ho tsohuwang bafung, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi mahodimong.
26. Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?
27. Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Lona, le lahlehile haholo.
28. E mong wa bangodi, ya ba utlwileng ha ba arabana, ha a bona hobane o ba arabile hantle, a mo atamela, a mmotsa, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke ofe na?
29. Jesu a mo araba, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke o reng: Utlwa, Iseraele; Morena, Modimo wa rona, ke Morena a nnotshi,
30. mme o rate Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle, le ka matla a hao wohle; ke wona molao wa pele.
31. Mme wa bobedi o tshwanang le wona ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ha ho molao o moholo ho yona eo.
32. Mongodi a re ho yena: Ke hantle, moruti; o boletse ka nnete ha o re: Modimo o mong, mme ha ho o mong haese wona;
33. mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.
34. Jesu, ha a mmona hoba o arabile ka kelello, a re ho yena: Ha o hole le mmuso wa Modimo. Mme ha ho a ka ha hlola ho eba motho ya betang pelo ho mmotsa.