Joshua 21:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba dihlooho tsa bontata Balevi ba tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua, mora Nune, le ho dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele.

2. Ba bua le bona Silo, lefatsheng la Kanana, ba re: Jehova o laetse ka Moshe hore re newe metse ya ho aha teng, meraka ya yona e be ya dikgomo tsa rona.

3. Ebile Baiseraele ba nea Balevi metse e itseng le meraka ya yona lefeng la bona, ka taelo ya Jehova.

4. Ha ho laolelwa matlo a Bakehathe, bana ba moprista Aarone, bao e leng Balevi, ba abelwa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Juda, le lelokong la Simeone, le lelokong la Benjamine.

5. Ba bang bana ba Kehathe ba abelwa metse e leshome matlung a leloko la Efraime, le lelokong la Dane, le mothapong o mong wa leloko la Manasse.

6. Bana ba Gershone ba laolelwa metse e leshome le metso e meraro matlung a leloko la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le mothapong o mong wa leloko la Manasse, Bashane.

7. Bana ba Merari ba newa ka matlo a bona metse e leshome le metso e mmedi lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.

8. Ke wona mokgwa oo bana ba Iseraele ba laoletsweng Balevi ka wona metse eo le meraka ya yona, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.

Joshua 21