Joshua 19:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Bethe-Lebaothe, le Sharuhene: ke metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona.

7. Aine, Rimmone, Ethere, le Ashane: ke metse e mene le metsana ya yona.

8. Le metsana yohle e teetseng metse eo hare kahohle ho isa Baalathe-Beere, e leng Rama wa borwa.Ke leo lefa la leloko la bana ba Simeone, ka matlo a bona.

9. Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao.

10. Karolo ya boraro ya laolelwa bana ba Sabulone ka matlo a bona.

11. Moedi wa lefa la bona o fihla Saride; moedi wa bona hape o leba Mareala, nqa bophirimela, o fihla Dabbeshethe, o ya le nokeng e pela Jokneame.

12. Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia;

13. teng o fetela pele nqa botjhabela ho ya fihla Gittha-Hefere, le Ittha-Katsine, o ya le Rimmone, o ntoo pota ho isa Nea.

14. Moedi o boela o pota ka nqa leboya ho Hannathone, o ya fella sekgutlong sa Jiftha-Ele.

15. Hape, ke Katthathe, Nahalale, Shimrone, Jideala, le Bethlehema: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona.

16. Ke leo lefa la bana ba Sabulone ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.

17. Karolo ya bone ya laolelwa Issaskare, ke ho re, bana ba Issaskare ka matlo a bona.

Joshua 19