42. le Shaalabbine, le Ajalone, le Jithla,
43. le Elone, le Thimnatha, le Ekrone,
44. le Eltheke, le Gibbethone, le Baalathe;
45. le Jehude, le Bene-Berake, le Gathe-Rimmo-ne,
46. le Me-Jarkone le Rakkone, hammoho le naha e mabapa le Jafo.
47. Naha ya bana ba Dane ya boela ya tswela kantle ho moo e neng e le ha bona; hobane bana ba Dane ba ile ba futuhela Lesheme, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, ba o rua, mme ba aha teng, ba bitsa Lesheme Dane ka lebitso la ntata bona, Dane.
48. Ke leo lefa la leloko la bana ba Dane ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
49. Eitse hobane ba qetelle ho arola naha ho e etsa lefa la bona, ka meedi ya bona, bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora Nune, lefa hara bona.
50. Ka taelo ya Jehova, ba mo nea motse oo a o kopileng, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime; mme a haha motse, a dula teng.
51. Ke ao mafa ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba a abileng ka lotho, Silo, pela Jehova, monyako wa tente ya pokano. Ba phetha jwalo ho aba naha.