Joshua 19:24-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Karolo ya bohlano ya laolelwa leloko la bana ba Asere ka matlo a bona.

25. Moedi wa bona ke Helkathe, le Hali, le Bethene, le Aksafe;

26. le Allammeleke, le Ameade, le Misheale; nqa bophirimela o ya fihla Karmele le Shikore-Libnathe.

27. Nqa botjhabatsatsi, o pota Bethe-Dagone, o fihla Sabulone, le sekgutlong sa Jiftha-Ele, nqa leboya ho Bethe-Emeke, le Nejele; o ntoo fetela Kabule ka ho le letshehadi;

28. le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo.

29. Moedi o ntoo leba Rama, ho isa le motseng o morako wa Tire; moedi o ya le Hosa, mme o ya fella lewatleng, ho tloha Helebe, ho isa Aksibe.

30. Hape, ke Umma le Afeke, le Rehobe: ke metse e mashome a mabedi a metso e mmedi le metsana ya yona.

31. Ke leo lefa la leloko la Asere ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.

32. Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona.

33. Moedi wa bona o tloha Helefe, eikeng e pela Tsaanannime, le Adami-Nekebe, le Jabneele, ho isa Lakkume, o ntoo fella Jordane.

34. Moedi o boela o leba nqa bophirimela ho isa Asnothe-Thabore; o tloha teng ho ya fihla Hukkoke, o ya le Sabulone nqa borwa, mme o ya le Asere nqa bophirimela, le Juda, le Jordane nqa botjhabatsatsi.

35. Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe;

36. Adama, Rama, Hatsore;

37. Kedeshe, Edrei, le Ene-Hatsore;

Joshua 19