Joshua 19:10-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Karolo ya boraro ya laolelwa bana ba Sabulone ka matlo a bona.

11. Moedi wa lefa la bona o fihla Saride; moedi wa bona hape o leba Mareala, nqa bophirimela, o fihla Dabbeshethe, o ya le nokeng e pela Jokneame.

12. Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia;

13. teng o fetela pele nqa botjhabela ho ya fihla Gittha-Hefere, le Ittha-Katsine, o ya le Rimmone, o ntoo pota ho isa Nea.

14. Moedi o boela o pota ka nqa leboya ho Hannathone, o ya fella sekgutlong sa Jiftha-Ele.

15. Hape, ke Katthathe, Nahalale, Shimrone, Jideala, le Bethlehema: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona.

16. Ke leo lefa la bana ba Sabulone ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.

17. Karolo ya bone ya laolelwa Issaskare, ke ho re, bana ba Issaskare ka matlo a bona.

18. Moedi wa bona o lebile Jisreele le Kesullothe, le Shuneme;

19. le Hafaraime, le Shione, le Anaharathe,

20. le Rabbithe, le Kishione, le Abetse,

21. le Remethe, le Ene-Gannime, le Ene-Kadda, le Bethe-Patsetse.

Joshua 19