12. Haele moedi wa nqa bophirimela, e ne e le Lewatle le Leholo ka lebopo la lona.Ke oo moedi wa bana ba Juda ka nqa tsohle, ka matlo a bona.
13. Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.
14. Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.
15. A ntoo tloha teng ho ya lwantsha ba ahileng Debire; bitso la pele la Debire e ne e le Kiryathe-Sefere.
16. Kalebe a re: Ya tla kena Kiryathe-Sefere, a o nke, ke tla mo nea Aksa, moradi wa ka, e tle e be mosadi wa hae.
17. Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae.
18. Mme ha a tlile ho monna wa hae, a mo phehella hore a kope tshimo ho ntatae; ebile Aksa o theoha hodima esele ya hae kapele, mme Kalebe a re ho yena: O batlang?
19. A re: Nnee mpho, hobane o nneile naha nqa borwa; nnee le didiba tsa metsi. A mo nea didiba tse kahodimo le tse katlase.
20. Ke lena lefa la leloko la bana ba Juda ka matlo a bona:
21. Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure;
22. Kina, Dimona, le Adada;
23. Kedeshe, Hatsore, Ithnane;
24. Sife, Theleme, le Bealothe;
25. Hatsore-Hadattha, le Keryothe-Hetsrone, e leng Hatsore;
26. Amame, Shema, Molada;
27. Hatsare-Gadda, Heshmone, Bethe-Palethe;